BILI YA MAQHEKU
Jwalo ka ha Komiti ya Bonamodi e nehelane ka yona
Tokomane ya Senyesemane ke yona tokomane ya molao ya Bili ena
LETONA LA NTSHETSOPELE YA SETJHABA
B 68F?2003 Kgatiso e nngwe]
ISBN 0 621 36198 4
Palo ya dikhopi tse entsweng ... 1 800
BILI
Ho sebetsana ka mokgwa o phethahetseng le qaka ya maqheku ka ho theha moralo wa tshebetso o reretsweng matlafatso le tshireletso ya maqheku le ho kgothaletsa ha mmoho le ho hlokomela boemo ba bona, ditokelo, bophelo bo botle ba bona, polokeho le tshireletso; ekasitana le ho etsa monyetla wa ditaba tse amanang le moo.
KETAPELE
JWALO KA HA Molao wa motheo o theha setjhaba se ikamahantseng le makgabane a demokerasi, toka setjhabeng le ditokelo tsa motheo tsa botho le ho batla ho ntlafatsa tekano ya bophelo ba baahi kaofela le ho lokolla bokgoni ba motho e mong le e mong.
LE JWALO KA HA, ho latela Bili ya Ditokelo jwalo ka ha e hlahisitswe Molaong wa Motheo, bohle ba na le seriti seo ba tswalwang le sona le tokelo ya hore seriti sa bona se hlomphuwe le ho sireletswa;
LE JWALO KA HA Mmuso o lokela ho theha tikoloho e tla etsa hore ditokelo tse hlahellang Biling ya Ditokelo di tlamehe ho hlomphuwa, ho sireletswa le ho phethahatswa;
JWALO KA HA ho hlokeha ho fetola melawana e teng e mabapi le maqheku hore maqheku a be le ditshebeletso tse fihlelehang, tse lekanang le tse kgonehang le ho matlafatsa maqheku hore a tswele pele ho phela bophelo bo nang le moelelo le bo botle setjhabeng se ba ananelang jwalo ka mehlodi ya bohlokwa ya tsebo, bohlale le boitsebelo,
E ananelwa ke hona ke Palamente ya Rephaboliki ya Afrika Borwa ka mokgwa o latelang:--
TLHOPHISO YA DIKAROLO
Dikarolo
Ditlhaloso
KGAOLO YA 1
Boikemisetso ba Molao
Tshebediso ya Molao
KGAOLO YA 2
HO THEHWA HA TIKOLOHO E TLISANG BOKGONI LE TSHEHETSO YA MAQHEKU
Ntshetsopele le boikamahanyo le ditabatabelo ha mmoho le maemo a naha
Ditokelo tsa maqheku
Tshebeletso tsa tshehetso tse tswang mahlakoreng a mang
Metheo ya tataiso ya tsela eo batho ba lokelang ho sebeletswa ka yona
KGAOLO YA 3
TLHOKOMELO E THEHILWENG SETJHABENG LE TSHEBELETSO TSA TSHEHETSO
Ditokelo tsa maqheku a fumanang tlhokomelo e tswang setjhabeng ha mmoho le ditshebeletso tsa tshehetso
Mananeo a thehilweng setjhabeng a maqheku
Tlhokomelo e thehilweng setjhabeng le ditshebeletso tsa tshehetso tse lokelang ho ngodiswa
Ngodiso ya tlhokomelo e thehilweng setjhabeng le ditshebeletso tsa tshehetso
Batho ba fanang ka tlhokomelo ya lapeng
Tiso le tlhatlhobo ya tlhokomelo e thehilweng setjhabeng ha mmoho le ditshebeletso tsa tshehetso
KGAOLO YA 4
MENYETLA YA BODULO
Ditokelo tsa maqheku dibakeng tsa bodulo
Ditshebeletso dibakeng tsa bodulo
Thibelo ya tshebetso ya dibaka tsa bodulo tse sa ngodiswang, le ngodiso ya dibaka tse jwalo
Boikamahanyo le dipehelo tsa ngodiso ya dibaka tsa bodulo
Ho thehwa ha dikomiti tsa bodulo tsa baahi
Kamohelo dibakeng tsena tsa bodulo
Tlhokomelo ya dibaka tsena tsa bodulo tse ngodisitsweng
Pehelo ya batsamaisi ba dibaka tsena tsa bodulo ho Letona
KGAOLO YA 5
TSHIRELETSO YA MAQHEKU
Tshusumetso ya Molao Molaong wa tlhekefetso ya malapeng, wa 1998
Maqheku a hlokang tlhokomelo le tshireletso
Tsebiso ya tlhekefetso ya maqheku
Tsebiso e ngotsweng ya motlodi ya bolediswang wa molao
Mohato wa ho hlahisa moqosuwa ya bolediswang wa leqheku le motho ya fokolang ka pele ho mmaseterata
Phuputso ya tlhekefetso e bolediswang ya maqheku le batho ba fokolang thibelo ya tlhekefetso ya maqheku le mohato o ikgethang wa ho thibela tlhekefetso ya maqheku poloko ya rejistara ya tlhekefetso ya maqheku
KGAOLO YA 6
DITEMANA TSE AKARETSANG LE TSA TLATSETSO
Nehelano ya matla
Dikotlo
Melawana
Ho hlakolwa ha melao, le ditemana tsa nakwana ha mmoho le poloko
Sehlooho se sekgutshwanyane le qalo
Ditlhaloso
Molaong ona, ntle le moo moelelo o supang ka tsela e nngwe ?
tlhekefetso? e bolela tlhekefetso e rerilweng karolong ya 30 ;
tlhokomelo? e bolela thuso mmeleng, kelellong, bophelong kapa thuso ya letho le itseng le hlokwang ke leqheku, e kenyeletsang ditshebeletso tse reretsweng ho kgothaletsa boleng ba bophelo le bophelo bo botle ka kakaretso ba leqheku;
mohlokomedi? ho bolelwa motho e mong le e mong ya fanang ka tlhokomelo;
tlhokomelo e fumanehang setjhabeng le ditshebeletso tsa tshehetso? mona ho bolelwa lenaneo lefe kapa lefe le hopotsweng karolong ya 11;
Lefapha? lona le bolela Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba boemong ba naha ba mmuso;
leqheku le fokolang? ho bolelwa leqheku le hlokang tlhokomelo nakong ya dihora tse 24 ka lebaka la boemo ba mmele kapa ba kelello ya hae bo etsang hore leqheku le hlolehe ho itlhokomela;
mohlokomedi wa bophelo bo botle? mona ho bolelwa mohlokomedi wa bophelo bo botle ya hlalositsweng karolong ya 1 ya Molao wa Naha wa Bophelo bo botle wa selemo sa 2003 (Molao wa Nomoro ya 61 wa 2003);
tlhokomelo e tswang lapeng? mona ho bolelwa tlhokomelo eo ho fanwang ka yona kapa ditshebeletso tseo mohlokomedi a fanang ka tsona sebakeng seo leqheku lena le fokolang le dulang ho sona, ho tehelwa ka thoko taba ya tlhokomelo ya sebakeng sa bodulo, ka sepheo sa ho hlokomela hore leqheku lena le ne le dutse hantle, ho kenyeletswa le tlhokomelo ya ho fihlela le shwa ka tsela e nang le seriti;
mmasetrata? ho kenyeletswa mmasetrata wa tlatsetso le mothusi wa mmasetrata;
motsamaisi? mona ho bolelwa motho ya nang le boikarabelo ba tsamaiso ya letsatsi le leng le le leng ya sebaka sa bodulo;
Letona? ho bolelwa Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba;
leqheku? ho bolelwa motho wa monna ya dilemo di 65 kapa ho feta moo, mme ha e le mosadi o lokela ho ba dilemo di 60 kapa ho feta;
leqheku le hlokang tlhokomelo le tshireletso? ho bolelwa leqheku leo ho buuwang ka lona karolong ya 25 ;
motsamaisi? ho bolelwa motho ya laolang ebile a na le sebaka sa bodulo;
motho? ho kenyeletswa le terasete;
mohlanka wa sepolesa? mona ho bolelwa setho jwalo ka ha se hlalositswe karolong ya 1 ya Molao wa Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa wa 1995 (Molao wa Nomoro ya 68 wa selemo sa 1995), kapa setho sa tshebeletso ya sepolesa sa masepala e thehilweng ho latela karolo ya 64A ya Molao oo;
laeletswang? mona ho bolelwa ntho e laeletswang ke molawana o itseng;
molawana? mona ho bolelwa molawana ofe kapa ofe o entsweng tlasa karolo ya 34;
tlhabollo? mona ho bolelwa tsela eo ka yona leqheku le etswang hore le kgone ho fihlella le ho itlhokomela ho fihlela maemong a hodimo a tshebetso ya mmele wa lona, ditho tsa kutlo, bohlale, kelello le tsela ya bophelo, ha mmoho le mehato ya ho kgona ho etsa tshebetso hape kapa ho boeletsa tshebetso eseng e sa kgonehe kapa e le siyo, empa ho beheletswe ka thoko taba ya tlhokomelo ya tsa bongaka;
sebaka sa bodulo? mona ho bolelwa moaho kapa sebopeho se seng se sebedisetswang boholo mabaka a ho fana ka bodulo le ho sebeletsa maqheku nako ya dihora tse 24;
tlhokomelo ya kgefutso? mona ho hlaloswa tshebeletso e ikgethang e fuwang maqheku a fokolang le tsehebeletso ya mohlokomedi e reretsweng taba ya ho fana ka thuso ya tlhokomelo ya nakwana le thuso;
tshebeletso? e bolela mosebetsi ofe kapa ofe kapa lenaneo le radilweng ho kgotsofatsa ditlhoko tsa leqheku;
seitshireletso? mona ho bolelwa moaho ofe kapa ofe kapa dibaka tse bolokehileng kapa tse sebedisetswang kamohelo, tshireletso le tlhokomelo ya nakwana ya leqheku le hlokang tlhokomelo le tshireletso;
mosebetsi wa thekolohelo? mona ho hlaloswa motho ya ngodisitsweng jwalo ka mosebetsi wa thekolohelo ho latela karolo ya 17 ya Molao wa Tshebetso wa Tshebeletso ya Setjhaba wa 1978 (Molao wa Nomoro ya 110 wa 1978), ebile a le tshebetsong kapa tshebeletsong ya mmuso kapa mokgatlong wa thekolohelo o ngodisitsweng;
Molao ona? o kenyeletsa le melawana efe kapa efe.
KGAOLO YA 1
Boikemisetso ba Molao
Boikemisetso ba Molao ke -
a ho hlokomela le ho ntshetsa pele boemo, bophelo bo botle, polokeho le tshireletso ya maqheku;
b ho hlokomela le ho tshireletsa ditokelo tsa maqheku;
c ho sutha mokgweng wa tlhokomelo ya institjhusheneng le ho leba tlhokomelong ya lapeng ka morero wa ho netefatsa hore leqheku le dula lapeng la hae kahare ho setjhaba ho fihlela ka moo ho ka kgonehang ka teng;
d ho laola ngodiso, ho thehwa le tsamaiso ya ditshebeletso le ho thehwa ha mmoho le tsamaiso ya dibaka tsa bodulo tsa maqheku; le e ho thibela tlhekefetso ya maqheku.
Ho latela Molao ona kabo ya boikarabelo, Molao ona o lokela ho phethahatswa ke makala kaofela a mmuso a sebeletsang maqheku boemong ba naha, ba provense, moo ho lokelang le lehlakoreng la puso ya selehae ka mokgwa o kopantsweng, o hokahantsweng le o tshwanang.
Kananelong ya hore ho na le tlhodisano ya ditlhoko tsa setjhaba le tsa moruo, makala a jwalo a mmuso a lokela ho nka mehato e utlwahalang ho fihlela moo ho kgonehang teng ho latela mehlodi ya bona e teng ho fihlella phethahatso ya maikemisetso a Molao ona.
Ho fihlela phethahatso ya Molao ona ka mokgwa o rerilweng karolwaneng ya 1 le ya 2, makala ohle a mmuso a lokela ho sebedisana ha mmoho ntshetsopeleng ya katamelo e tshwanang e reretsweng kgokahanyo le kopanyo ya ditshebeletso tse etsetswang maqheku. Makala ohle a mmuso le bahlanka kaofela, basebetsi le baemedi ba makala a mmuso
Tshebediso ya Molao
Ditokelo tseo leqheku le nang le tsona ho latela Molao ona di tlatseletsa ditokelo tsa leqheku ho ya ka Bili ya Ditokelo.
Makala ohle le bahlanka kaofela, basebetsi le baemedi ba makala ba lokela ho hlompha, ho tshireletsa le ho kgothaletsa ditokelo tsa maqheku jwalo ka ha di fuperwe ke Molao ona.
Molao ona o tlama batho ba amehang ka tswalo kapa ka molao ka hohle ka moo ho kgonehang ka teng, ho nketswe hloohong sebopeho sa tokelo le sebopeho sa boikarabelo bofe kapa bofe bo tlamang ho latela molao ona.
Metheo e akaretsang e hlahang karolong ena e tataisa -
a phethahatso ya melao kaofela e amanang le maqheku, ho kenyeletswa Molao ona; le b mehato yohle, diketso le diqeto tsa lekala lefe kapa lefe la mmuso ntlheng efe kapa efe e mabapi leqheku kapa maqheku ka kakaretso.
mehato kaofela, diketso kapa diqeto mabapi le ditaba tse amanang le leqheku di lokela ?
a ho hlompha, ho tshireletsa, ho kgothaletsa le ho ikamahanya le ditokelo tsa maqheku, ditabatabelo tsa leqheku le ditokelo ha mmoho le metheo e hlahisitsweng Molaong ona, ho latela dithibelo dife kapa dife tsa molao;
c ho sebetsana le leqheku ka tsela e hlokang leeme le ka tekano; le d ho tshireletsa leqheku kgethollong e nang le leeme tlasa mabaka afe kapa afe a boemo ba bophelo kapa kgolofalo ya leqheku lena.
Tabeng efe kapa efe e amanang le leqheku-
a ho latelwe mokgwa o tlisang maemo a poelano le tharollo mme ho qojwe katamelo e bontshang kgalefo; le b tieho mohatong ofe kapa ofe kapa qetong e lokelang ho nkuwa e be dintho tse qojwang ka tsela tsohle.
KGAOLO YA 2
HO THEHWA HA TIKOLOHO E TLISANG BOKGONI LE TSHEHETSO YA MAQHEKU
Ntshetsopele le boikamanyo le makgabane ha mmoho le maemo a naha
Letona ka dinako tsohle, ka tsebiso koranteng ya mmuso, le ka beha makgabane le maemo a naha ka sepheo sa ho hlalosa maemo a amohelehang a ditshebeletso tse ka fuwang maqheku ao ka ona ditshebeletso tsena di tlamehang ho tonelwa leihlo le ho hlahlojwa.
Motho e mong le e mong ya fanang ka tshebeletso ho leqheku o lokela ho ikamahanya le makgabane le maemo ana ao ho buuwang ka ona karolwaneng ya 1
Ditokelo tsa maqheku
Maqheku a na le ditokelo tseo ho buuwang ka tsona karolong ya 9 ya Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa mme ka ho qoholleha ha ba tshwanela ho hanelwa ka tshebediso ya leeme tokelo ya-
a ho phela le setjhaba ka ho kena boemong bofe kapa bofe bo nyalanang le ditabatabelo ekasitana le bokgoni ba bona;
b ho kena mananeong a kenyeletsang meloko e fapafapaneng;
c ho theha le ho kena dibopehong le mekgatlong ya maqheku;
d ho kena mesebetsing e tiisang bokgoni ba bona ba ho iketsetsa tjhelete;
e ho dula tikolohong e nketseng hloohong bokgoni ba bona bo fetohakang; le f ho fihlella menyetla e kgothaletsang boemo ba bophelo ba bona phedisanong le ba bang, mmeleng, kelellong le maikutlong.
Tshehetso ya ditshebeletso tse tswang bathong ba bang
Letona-
a ka ditherisano le Letona la Ditjhelete, le ka nna la fana ka dithuso tsa ditjhelete tse tswang mokotlaneng wa matlole a abilweng ke Palamente ho basebeletsi ba fanang ka tshebeletso tsa phedisano ho maqheku;
b ka mabaka a serapa sa a a ka behella ka pele ditlhoko le dishebeletso tsa maqheku;
c ka mokgwa o tsepamisitsweng Letona le ka kena tumellanong le batho ba nehelanang ka ditshebeletso ho etsa bonnete ba hore ho fanwa ka ditshebeletso tseo ho buwang ka tsona serapeng sa b;
d le lokela ho tsepamisa dipehelo tsa kamohelo ya dithuso tsa ditjhelete ho kenyeletswa le mehato ya boikarabelo ba ditjhelete, bokamahanyo le mehato ena ekasitana le makgabane le maemo;
e le lokela ho tsepamisa ditharollo tsa tlholeho ya boikamahanyo le dipehelo tse behilweng tseo ho buuwang ka tsona serapeng sa d
Metheo e tataisang taba ya ho fana ka ditshebeletso
Ho tshwanetse hore tshebeletso efe kapa efe eo ho fanwang ka yona ho fanwe ka yona tikolohong a e nkelang hloohong boemo ba phedisano, ba botjhaba le ba moruo wa maqheku;
b e kgothaletsang seabo sa maqheku tseleng ya ho etsa diqeto maemong a fapaneng;
c e nkelang hloohong ditlhoko tse fapafapaneng haholo tsa maqheku mme ka tsela e jwalo ebile e ntshetsa pele tshebedisano ya makala a fapaneng;
d e etsang bonnete ba hore maqheku a kgone ho fumana lesedi ka thuto le thupelo;
e e kgothaletsang ntshetsopele le tlhokomelo ya mantlha ya maqheku dibakeng tsa mahae le tsa metseng ya diteropo;
f e kgothaletsang thibelo ya hore maqheku a tlatlapuwe;
g e kgothaletsang tlhompho le seriti sa maqheku;
h e netefatsang hore maqheku a behellwa ka pele ha ho fanwa ka ditshebeletso tsa mantlha;
i e netefatsang tlhabollo le ho thehwa ha menyetla ya thuso ya maqheku; le j ya ho netefatsa, ka moo ho kgonehang ka teng, hore maqheku a kgone ho finyella ditshebeletso le menyetla e teng.
KGAOLO YA 3
TLHOKOMELO YA LAPENG LE DITSHEBELETSO TSA TSHEHETSO YA MAQHEKU
Ditokelo tsa maqheku a fumanang tlhokomelo ya lapeng le ditshebeletso tsa tshehetso
Leqheku le fumanang tlhokomelo ya lapeng le tshebeletso tsa tshehetso, ntle le ditokelo tseo ho buuwang ka tsona karolong ya 7, le na le tokelo ya a ho dula lapeng nakong e telele ho latela ka moo ho kgonehang ka teng?
b ho tsomana le menyetla e tla ntshetsa pele bokgoni ba hae ka ho phethahala c ho fola molemo wa tlhokomelo ya lelapa le ya setjhaba ha mmoho le ho fumana tshireletso ho latela mokgwa o latelwang ke setjhaba wa tsela ya botjhaba.
Mananeo a thehilweng setjhabeng a maqheku
Letona, ka tshebedisano le Letona le loketseng kapa Setho sa Lekgotla la Phethiso la provense, a le ka theha mananeo a thehilweng setjhabeng a welang mekgeng e mmedi e batsi , ka ho qoholleha-
i mananeo a thibelo le kgothaletso, a netefatsang hore leqheku le phela ka boikemelo setjhabeng seo leqheku lena le dulang hara sona; le ii tlhokomelo ya lapeng, e netefatsang hore leqheku le fokolang le fumana tlhokomelo e loketseng kahare ho setjhaba ka lethathama le batsi la ditshebeletso tse kopanetsweng.
b le ka tsepamisa ka moo motho e mong le e mong ya tsamaisang lenaneo leo ho buuwang ka lona serapeng sa a a ka tshehetswang ka teng, ka ditjhelete kapa ka mokgwa o mong.
Mananeo ao ho buuwang ka ona karolwaneng ya 1 ke mananeo a reretsweng ?
a matlafatso ya moruo ya maqheku;
b motheo wa menyetla ya boikgathollo ya maqheku;
c ho fana ka lesedi, thuto le ditshebeletso tsa thuso ya keletso, ho kenyeletswa HIV le AIDS, tlhokomelo ya dikgutsana, ba nang le lefu la bolebadi Alzheimer, ho fokola ha kelello le tlhokomelo ya mantlha ya tshohanyetso;
d ditshebeletso tsa moya, botjhaba, bongaka, boahi le tsa phedisano;
e hore ho fanwe ka dijo tse phethahetseng ka phepo ho maqheku a hlokang;
f ntshetsopele ya mahlale a boiphediso le bokgoni ho maqheku hore a kgone ho iphedisa;
g ditshebeletso tsa botsebi, tse kenyeletsang tlhokomelo le tlhabollo ho netefatsa bophelo ba boikemelo ba maqheku;
h ditshebeletso tse loketseng, tse fuperweng ke leano la ba kojwana di mahetleng molemong wa maqheku a hlokang le a lokelwang ke thuso;
i tshebediso le taolo ya menyetla e teng ya maqheku jwalo ka ditsha tse reretsweng mabaka a mangata a setjhaba;
j tlhokomelo e kopantsweng ya setjhaba le mekgwa ya ntshetsopele ya maqheku; le k mananeo a kopantsweng meloko.
Mananeo a tlhokomelo ya malapeng a reretsweng maqheku a fokolang kahare ho setjhaba a kenyeletsa ?
a monyetla wa tlhokomelo ya bophelo bo botle le mmele wa maqheku;
b monyetla wa tshehetso ya botsebi le tshehetso feela e tswang bathong wa tlhokomelo ya maqheku lapeng;
c mananeo a tlhabollo a kenyeletsang monyetla wa hore ho fanwe ka thuso;
d monyetla wa thuso ya tlhokomelo ya nakwana;
e taba ya ho fana ka lesedi, thuto le thuso ya keletso ya ba lelapa, bahlokomedi le setjhaba mabapi le maemo a ho tsofala le ho kula ho tsamaelanang le boqheku; le f taba ya hore ho fanwe ka tlhokomelo ya bophelo bo botle ya mahala maqhekung a fokolang le maqhekung a mang ho latela ka moo Letona le tla tsepamisa dintho ka teng.
Tlhokomelo e thehilweng Setjhabeng le tshebeletso tsa tshehetso di lokela ho ngodiswa
Ha ho motho ya tla fana ka tlhokomelo e thehilweng setjhabeng le ditshebeletso tsa tshehetso ntle le ha tshebeletso e jwalo e ngodisitswe ho latela karolo ya 13.
Motho ya fanang ka tlhokomelo e thehilweng setjhabeng le tshebeletso ya tshehetso ya sa ngodiswang ho latela karolo ya 13 o molato hobane o tlotse molao.
Ngodiso ya tlhokomelo e thehilweng setjhabaneng le ditshebeletso tsa tshehetso
Motho ofe kapa ofe ya lakatsang ho fana ka tlhokomelo e thehilweng setjhabeng le tshebeletso ya tshehetso o lokela ho etsa kopo ho Molaodi Kakaretso ho ngodisa tshebeletso eo e jwalo.
Letona le lokela ho tsepamisa dipehelo tsa ngodiso ya tlhokomelo e thehilweng setjhabeng le tshebeletso tsa tshehetso, ho kenyeletswa kopo ya ngodiso, kamohelo ya ngodiso, ngodiso ya nakwana, ho fediswa le ho kgaotswa ha ngodiso, le ntlha efe kapa efe eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 4.
Ngodiso eo ho fanweng ka yona ho latela karolo ena e keke ya fetisetswa ho motho e mong.
Ha motho ya fanang ka tshebeletso ka lebaka lefe kapa lefe ya ka kgaotsang ho fana ka tshebeletso, motho ya jwalo, pele a kgaotsa tshebeletso eo, o lokela ho-
a tsebisa Molaodi-Kakaretso ka boikemisetso ba hae le tshusumetso ya ho kgaotsa tshebeletso ho maqheku;
b tsebisa maqheku a amehang ka morero wa hae wa ho kgaotsa tshebeletso; le c ho nka mehato e utlwahalang ho etsa bonnete ba hore maqheku a unang molemo tshebeletsong ena a seke a behwa ka mosing kapa a iphumana a setse powaneng mme moo ho lokelang, a fetisetswe ho motho e mong ya nehelenang ka tshebeletso e jwalo.
Batho ba nang ka tlhokomelo e thehilweng mahae (ya hae)
Motho e mong le e mong ya nehelanang ka tlhokomelo e thehilweng malapeng o lokela ho netefatsa hore bahlokomedi ba fumana thupelo e kgothaletswang.
Basebetsi bohle ba tsa thekolohelo le ba fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle ho maqheku bao ho buuwang ka bona karolwaneng ya 1 ba lokela ho ngodiswa lekgotleng la molao le loketseng le ikarabelang tshebetsong e loketseng.
a Letona le lokela ho ngodisa bahlokomedi bohle ba fanang ka tlhokomelo ya lapeng le ho tsepamisa khoutu ya boitshwaro ya bahlokomedi ba jwalo.
c Serapa a ha se amane le basebetsi ba thekolohelo le ba fanang ka tlhokomelo ya bophelo bao ho buuwang ka bona karolwaneng ya 2.
Motho e mong le e mong ya tlolang molao kapa ya hlolehang ho ikamanya le temana ya karolo ena o molato hobane a tlotse molao.
Tlhokomelo le tlhatlhobo ya tlhokomelo e thehilweng setjhabeng ha mmoho le ditshebeletso tsa tshehetso
Karolo ya 22 e sebetsa ka diphetoho tse hlokehang tse mabapi le tlhokomelo le tlhatlhobo ya tlhokomelo e thehilweng setjhabeng ha mmoho le ditshebeletso tsa tshehetso.
KGAOLO YA 4
MENYETLA YA BODULO
Ditokelo tsa maqheku dibakeng tsa bodulo
Leqheku le dulang sebakeng sa bodulo, ha mmoho le ditokelo tse ding tseo le nang le tsona, ho latela Bili ya ditokelo kapa ditokelo dife kapa dife tse ding tseo leqheku le ka bang le tsona, le na le tokelo ya ?
a ho kgetha moemedi ya tla sebetsa dintho lebitsong la hae;
b ho ba le monyetla o utlwahalang wa ho fumana thuso le ho etelwa ka molao c ho boloka le ho sebedisa dintho tseo eleng tsa hae;
d ho ba le monyetla wa ho fumana tlhokomelo ya mantlha;
e ho fumana lesedi ka boemo ba ditjhelete ba sebakeng sena sa bodulo le ho tseba ka diphetoho tsamaisong;
f ho kenela mesebetsi ya phedisano, ya bodumedi le ya setjhaba ho ya ka kgetho ya hae;
g hore dintho tsa hae di sebetswe ka lekunutu;
h ho fumana ngaka eo eleng ya hae haeba a kgona ho e lefa;
i ho fuwa bonyane tsebiso ya matsatsi a 30 a ho tsamaiswa ho lohothwang kapa ho lokollwa.
Tshebeletso tsa dibakeng tsa bodulo
Ho ka nna ha fanwa ka tshebeletso tse latelang sebakeng sa bodulo, ka ho qoholleha-
a tlhokomelo ya dihora tse 24 le tshebeletso ya tshehetso ya leqheku le fokolang le maqheku a hlokang ho fuwa thuso e ikgethang;
b tlhokomelo le tshebeletso tsa tlhokomelo ya maqheku a nang le bothata ba kelello e fokolang le mahloko a tsamaelanang le moo;
c tshebeletso tsa tlhabollo;
d thuso ya setjhaba e mabapi le ditaba tsa ho tsofala, ho kenyeletswa kelello e fokolang;
e ditshebeletso tsa thuso ya keletso ho baahi le ho ba malapa a bona ba hlokang tshebeletso tsena;
f phethahatso le tlhokomelo ya mananeo a nanabelano;
g ho fana ka boroko le bodulo ba nakwana ho maqheku a pepesehileng mathateng;
h tshebeletso tsa tlhokomelo ya nakwana i thupelo ya bahlokomedi ba baithaopi ho sebetsana le maqheku a fokolang; le j dipapadi le mekgwa ya boithapollo.
Thibelo ya tshebetso ya dibaka tsa bodulo tse sa ngodiswang, le ngodiso ya dibaka tse jwalo
(a) Ho latela karolo ya 35, ha ho motho ofe kapa ofe ya ka bang le sebaka sa bodulo ntle le ha sebaka se jwalo se ngodisitswe tlasa karolo ena.
c Serapa sa a ha se ame sebaka sa bodulo se praevete seo leqheku le hlokometsweng ho sona ke ba lelapa.
Motho ya batlang ho ba le sebaka sa bodulo o lokela, hore ka mokgwa o tsepamisitsweng, a etse kopo ho Letona hore a ngodise sebaka seo.
Ka morao hoba ho tebiswe monahano kopong ena eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 2 Letona le ka nna la-
a hana kopo ena kapa la fana ka tumello ho yona ho latela maemo ao le tla a tsepamisa, haeba Letona le dumella kopo e jwalo, le tla laela hore ho ntshwe setifikeiti sa ngodiso se qaqisang dipehelo tseo mme se fuwe motho ya entseng kopo foromong e tsepamisitsweng; kapa b ho latela maemo a jwalo a tla behwa ke yena, a ka fana ka tumello ho motho ya entseng kopo hore a tsamaise sebaka se jwalo sa bodulo nakong e itseng, e sa feteng dikgwedi tse 12, ho latela ka moo Letona le tla tsepamisa ka teng, mme le laele hore ho ntshuwe setifikeiti sa ngodiso sa nakwana se qaqisetsang motho ya entseng kopo dipehelo tseo foromong e behilweng ya nako eo, mme ka morao ho ba nako eo e boletsweng e fele, kapa ka morao ho ba tsebiso ya motho ya entseng kopo ka mokgwa o tsepamisitsweng hore dipehelo tse boletsweng di phethisitswe, ho tla tswa feela hore ke efe e tlang pele, e be kopo e boetse e lokollwa hape botjha.
Ngodiso ya nakwana eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 3 b ho ka etsahala hore e se ke ya lelefatswa ka nako e fetang dikgwedi tse 12 tlasa dipehelo tsona tse tshwanang le tsa pele.
Letona nakong efe kapa efe ka morao ho tsebiso ya kgwedi e le nngwe ya boikemisetso ba lona, le ka morao hoba le lekole boitelo bofe kapa bofe boo a bo amohetseng kgweding eo, le ka fetola kapa la fedisa setifikeiti sa ngodiso se ntshitsweng ho latela karolwana ya 3a.
a Ho fetolwa kapa ho fediswa ha setifikeiti se jwalo sa ngodiso ho lokela hore ho tsamaiswe ka tsebiso e lebang ho motho ya nang le sebaka seo sa bodulo, mme tsebiso eo e sebetsa ho latela letsatsi le ngotsweng ho yona.
b letsatsi le ngotsweng tsebisong mona le keke la tla pele ho dikgwedi tse tharo tsa ngodiso ya setifikeiti sa moshwelella le kgwedi e le nngwe setifikeiting sa nakwana ka morao ho nako ya tsebiso, ntle le ha Letona ha mmoho le motsamaisi wa sebaka sa bodulo se nang le setifikeiti sa ngodiso ba dumellane ka tsela e nngwe.
Motho ya fuweng setifikeiti sa ngodiso ho latela karolwana ya 3 a keke a fetisetsa setifikeiti seo ho motho e mong.
Ha ngodiso ya sebaka sa bodulo e ile ya fediswa ho latela karolwana ya 5, kapa motsamaisi wa sebaka sena sa bodulo a lakatsa ho kwala sebaka sena sa bodulo ka lebaka lefe kapa lefe, o lokela ho latela mehato e itseng e utlwahalang ho netefatsa hore nakong eo sebaka sena se kwalwang ka yona, maqheku a amehang a fumana bodulo sebakeng se seng sa bodulo se ngodisitsweng kapa ba fumana bodulo ho batho ba nang le bokgoni le ba loketseng ho ka fana ka bodulo ho leqheku kapa maqheku, ho latela maikutlo a mosebetsi wa thekolohelo.
Motho e mong le e mong ya tlolang molao kapa ya hlolehang ho ikamanya le dipallo tsa karolo ena, kapa dipehelo tse hlonngweng, o tla fumanwa a le molato ka tlolo ya molao.
Boikamahanyo le dipehelo tsa ngodiso ya dibaka tsa bodulo
Ha ho na le lebaka la ho dumela hore pallo efe kapa efe eo ho buuwang ka yona karolong ya 18 ha e a phethwa, letona le ka laela hore ho nkwe mehato e ikgethang ho etsa hore ho be le boikamahanyo le dipallo tse jwalo.
Motsamaisi wa sebaka sa bodulo se ngodisitsweng o tlameha, ka dinako tsohle tse utlwahalang, ho tlalehela Letona ka maemo afe kapa afe a ka bakang hore a seke a kgona ho ikamanya ka ho phethahala le dipehelo dife kapa dife tseo ho buuwang ka tsona karolong ya 183.
Haeba ngodiso ya sebaka sa bodulo e ile ya fediswa ho ya ka karolo ya 185, kapa haeba motsamaisi wa sebaka sa bodulo a lakatsa ho kwala sebaka sa bodulo, motsamaisi o lokela-
a pele a etsa qeto efe kapa efe ya ho kwala sebaka sa bodulo, a rerisane le letona ka ntlha ena;
b ho nehelana ka tlaleho e phethahetseng ho Letona e mabapi le bodulo ba maqheku a amehang e hlokehang ho latela karolo ya 187; le c ho nehelana ka theepa yohle e rekilweng ka tjhelete ya Mmuso.
Motho ofe kapa ofe ya hlolehang ho ikamanya le karolwana ya 3 o tla ba molato ka tlolo ya molao.
Ho thehwa ha dikomiti tsa baahi dibakeng tsena tsa bodulo
Ha maqheku a fetang l0 a dula sebakeng sa bodulo, ntle le sebaka sa boitshireletso, komiti ya baahi e emelang ditabatabelo tsa baahi e lokela ho thehwa ke baahi bana ba mona.
Letona le lokela ho tsepamisa-
a sebopeho sa komiti ya baahi eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 1, e lokelang ho bontsha sebopeho sa baahi mme e lokela ho kenyeletsa baemedi ba baahi le ditho tsa moifo wa basebetsi ba sebaka se loketseng sa bodulo mme e ka kenyeletsa le batho ba tswang setjhabeng;
b b dikgetho, kgetho, maemo a etsang hore mokgethuwa a kgethwe, dipallo tsa Ofisi le mabaka a hore ditho tsa komiti ya baahi di tloswe maemong a tsona le tsela ya ho tlatswa ha dikgeo komiting e jwalo;
c palo, le tsela e lokelang ho latelwa dikopanong tsa komiti ya baahi.
Komiti ya baahi e thehilweng ho latela karolwana ya 1 e lokela ho netefatsa hore motsamaisi wa sebaka sa bodulo ya amehang-
a o theha kgokahano dipakeng tsa baahi ba dulang sebakeng sena sa bodulo le ba malapa a bona, setjhaba ka kakaretso le komiti eo;
b o fana ka tshebeletso ya boleng ho baahi ba sebaka sena sa bodulo;
c o etsa menyetla ya hore ho na le thupelo ya moifo wa basebetsi ba sebaka sena sa bodulo;
d sebedisa metheo e metle ya tsamaiso ya ditjhelete le ho nehelana ka ditlaleho tsa ditjhelete kgweding tse ding le tse ding tse tharo ho baahi le moifo wa basebetsi ba sebaka sena sa bodulo;
e o hlokomela diketsahalo sebakeng sena sa bodulo ba baahi hore a kgone ho sebetsana ka potlako le ketsahalo efe kapa efe ya tlhekefetso ya batho ba dulang sebakeng sena sa bodulo le ho nka mehato ho tlaleha ketsahalo tse jwalo ho balaodi ba loketseng;
f o rerisana le komiti tsa baahi kgethong ya moifo wa basebetsi ba sebakeng sena sa bodulo;
g o theha mehato e lokelang ho latelwa ya ditletlebo tsa baahi le moifo wa basebetsi ba sebakeng sena sa bodulo le batho ba batlang ho hlahisa tletlebo lebitsong la motho ofe kapa ofe ya dulang sebakeng seo;
h le ho etsa tsohle tse loketseng kapa tse tla potlakisa tshebetso e sebetsang hantle ya sebaka sena sa bodulo.
Kamohelo sebakeng sena sa bodulo
Ha ho motho ya loketseng ho kgetholla ka tsela e nang le leeme le ka mokgwa o otlolohileng kapa o sa otlolohang leqheku le kopang ho amohelwa sebakeng sa bodulo ka lebaka kapa mabaka ao ho buuweng ka ona karolong ya 9 ya Molao wa Motheo.
Ha motho ya tla hanelwa ho fumana kamohelo sebakeng sa bodulo, motsamaisi wa sebaka seo sa bodulo o tlameha, ka kopo ya motho enwa, ho fana ka mabaka a ngotsweng a ho hanela motho enwa ka bodulo.
a Ha ho leqheku leo ho ka etsahalang hore le amohelwe sebakeng sa bodulo ntle le tumello ya lona, ntle le moo kelello ya lona e sa mo feng bokgoni bo jwalo ba ho fana ka tumello ya hae, mme moo ho leng jwalo motho ya fuweng matla a ho fana ka tumello e jwalo ho latela molao ofe kapa ofe ka taelo ya lekgotla la dinyewe a ka nehelana ka tumello e hlokehang.
b Bosiyong ba motho eo ho buuweng ka yena i serapeng sa a, tumello e hlokehang e ka tswa ho mohatsa kapa molekane wa leqheku le amehang kapa, bosiyong ba mohatsae kapa molekane, ngwana e moholo kapa ngwana wabo, ka tatellano e qaqisitsweng lenaneng; kapa ii serapeng sa a kapa seratswaneng sa i, tumello e hlokehang e ka nna ya tswa ho Letona.
cTumello eo ho buuwang ka yona serapeng sa bi kapa sa ii e ka tswa feela ka morao hoba ngaka e ngodisitsweng ho latela Molao wa Basebetsi ba Profeshene ya Bophelo bo botle wa 1974 Molao wa nomoro ya 56 wa selemo sa 1974, e tiise hore tieho efe kapa efe kamohelong ya leqheku e ka nna ya tswala lefu kapa kotsi e sa tlo kgona ho boela e lokiswa bophelong ba leqheku.
Motsamaisi wa sebaka sa bodulo o lokela hore a latele mehato e utlwahalang ho fumana tumello ya leqheku.
Ntle le ho qhelela thoko karolwana ya 3, leqheku le kgonang ho utlwisisa le tlameha ho tsebiswa ka kamohelo e rerilweng ekasitana le ha kelello ya hae e mo hlokisa bokgoni ba ho fana ka tumello ho latela karolwana eo.
Motsamaisi wa sebaka sa bodulo moo ho amohetsweng leqheku ka lebaka la tumello eo ho nehelanweng ka yona ho latela karolwana ya 3b o lokela ho tsebisa Molaodi Kakaretso ka kamohelo eo nakong ya dihora tse 48 ka morao ho kamohelo eo.
Ha ho se ho amohetswe tsebiso eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 6, Molaodi Kakaretso a ka nna a theha moifo oo wa makala a fapafapaneng ho latela ka moo ho tsepamisitsweng ka teng ho hlahloba le ho tiisa kapa ho qhelela thoko kamohelo e hopotsweng karolwaneng eo.
Motho ofe kapa ofe ya tlolang karolo ena o molato ka tlolo ya molao.
Tiso ya dibaka tsa bodulo tse ngodisitsweng
Mosebetsi wa thekolohelo mosebetsing wa Mmuso neng kapa neng, le mosebetsi wa thekolohelo e mong le e mong ya abetsweng tshebetso ke Molaodi Kakaretso, o lokela hore haeba a kopuwa ke Molaodi Kakaretso ho etsa jwalo-
a a etele le ho disa sebaka se ngodisitsweng sa bodulo e le ho netefatsa boikamahanyo le Molao;
b a buisane le leqheku lefe kapa lefe le hlokometsweng moo kapa le fuweng bodulo moo sebakeng sa bodulo se jwalo;
c ka thuso kapa ntle le ho thuswa ke ba fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle, a fuputse tsa bophelo bo botle ba maqheku afe kapa afe a moo;
d a laele motho ofe kapa ofe ya nang le buka efe kapa efe kapa tokomane e amanang le sebaka seo sa bodulo, ho nehelana ka buka e jwalo kapa tokomane e jwalo ho yena ho e hlahloba;
e a nehelane ka tlaleho ho Molaodi Kakaretso ka sephetho sa tlhatlhobo; le f ho nehelana ka tlaleho ya diphuputso tsa hae ho motsamaisi wa sebaka sa bodulo.
Mosebetsi wa thekolohelo kapa motho ya fuweng matla afe kapa afe ho latela karolwana ya 1 o lokela, hore ka kopo ya motsamaisi wa sebaka sa bodulo kapa motho ya laolang sebaka seo se jwalo, ho ya ka moo ho leng ka teng, a hlahise setifikeiti se tswang ho Molaodi Kakaretso se hlalosang hore ke mosebesi wa thekolohelo kapa ke motho eo ya tshwaetsweng ho etsa mosebetsi.
Mosebetsi wa thekolohelo kapa motho ya tshwaetsweng ho etsa mosebetsi o jwalo a ka nna a fana ka tsebiso ya boikamahanyo ho motsamaisi ya amehang haeba temana e itseng ya Molao ona e sa phethiswa.
Tsebiso ya boikamahanyo e dula e sebetsa ho fihlela temana e loketseng ya Molao e phethisitswe mme mosebetsi wa thekolohelo kapa motho ya tshwaetsweng mosebetsi o jwalo a hlahisitse setifikeiti sa boikamahanyo ho latela tsebiso ena.
Motho o tla fumanwa a le molato ka ho tlola molao ona haeba-
a a sitisa kapa a thibela mosebetsi wa tsa thekolohelo kapa motho ya tshwaetsweng mosebetsi o jwalo ho etsa mesebetsi ya hae ho latela karolwana ya 1;
b a hanela mosebetsi wa thekolohelo kapa motho ya tshwaetsweng mosebetsi ona ho kena sebakeng sa moo leqheku le hlokometsweng teng kapa le fuweng bodulo teng sebakeng sa bodulo seo ho buuwang ka sona ho 1; kapa c a hana kapa hloleha ho ikamahanya le taelo ho latela karolwana ya 1d.
Tlaleho ya Letona e etswang ke batsamaisi ba dibaka tsa bodulo
Motsamaisi wa sebaka sa bodulo se ngodisitsweng o lokela hore matsatsing a 60 ka morao ho mafelo a selemo sa ditjhelete sa sebaka seo sa bodulo a nehelane ka tlaleho ho Letona e akaretsang selemo seo sa ditjhelete ho latela ?
a boikamahanyo le-
i maemo a behilweng a tshebeletso; le ii mehato e behilweng ho thibela le ho etsa hore ho seke ha e ba le tlhekefetso ya maqheku; le b ditemana tsa boemo ba ditumellano tsa tshebeletso e behilweng tse ileng tsa fihlellwa nakong ya selemo sa ditjhelete.
Haeba motsamaisi wa sebaka sa bodulo se ngodisitsweng a hloleha ho nehelana ka tlaleho ho latela karolwana ya 1, letona le ka-
a fana ka tsebiso ho motsamaisi ya jwalo hore haeba a sa nehelane ka tlaleho eo matsatsing a 90 ka morao ho letsatsi la tsebiso, ngodiso ya sebaka sena e tla hulwa; mme b ha tlaleho e jwalo e sa finyelle nakong ya matsatsi a 90 ka morao ho letsatsi leo ho fanweng ka tsebiso ka lona ho latela serapa sa a, ho tla hulwa ngodiso eo ka morao hoba ho nehelanwe ka tsebiso ya kgwedi ya boikemisetso bo jwalo.
TSHIRELETSO YA MAQHEKU
Tshusumetso a Molao wa 1998 wa Tlhekefetso ya Malapeng
Temana tsa Molao ona ha di a lokela hore di nkwe di seha moedi o itseng, di fetola, di hlakola kapa di beha ka mokgwa o mong temana efe kapa efe ya Molao wa Tlhekefetso ya Malapeng wa selemo sa 1998 (Molao wa Nomoro ya 116 wa 1998), kapa hona ho tshwasolla motho ofe kapa ofe boikarabelong kapa boitlamong bo qobellwang ke Molao kapa ho thibela motho ofe kapa ofe hore a seke a ikamahanya le temana efe kapa efe ya Molao oo.
Leqheku le hlokang tlhokomelo le tshireletso
Motho ofe kapa ofe ya amanang le leqheku boemong ba tshebetso le eo ka tjhadimo eo e leng ya hae a etsang qeto ya hore leqheku le hloka tlhokomelo le tshireletso o lokela ho tlaleha qeto eo ho Molaodi Kakaretso.
Motho ofe kapa ofe ntle le motho eo ho buuweng ka yena karolwaneng ya 1 ya nang le maikutlo a hore leqheku le hloka tlhokomelo le tshireletso a ka tlaleha maikutlo a hae ho mosebetsi wa thekolohelo.
Molaodi Kakaretso kapa mosebetsi wa thekolohelo eo tlaleho ena e etswang ho yena o lokela ho fuputsa taba ena.
haeba tlaleho e nontshwa ke diphuputso, Molaodi Kakaretso kapa mosebetsi wa thekolohelo ya amehang a ka latela mohato ofe kapa ofe kapa e meng e latelang, e leng -
a ho thusa ka hore leqheku le amehang le tloswe mme le iswe sepetlele, haeba le tswile kotsi kapa a iswe sebakeng sa tshireletso;
b ho etsa tlaleho mapoleseng moo a kopang hore sepolesa se sebetse ho latela karolo ya 27;
c ho nka mehato e meng ho latela ka moo ho tsepamisitsweng ka teng ho netefatsa hore ho na le ditlhoko tsa mantlha le tshireletso ya leqheku le amehang; kapa d hore haeba leqheku le amehang e le phofu ya tlolo ya molao, a thuse leqheku ho bona sepolesa hore a tlalehe sena.
Leqheku le hloka tlhokomelo kapa tshireletso ke leqheku -
a leo tjhelete ya lona e kenang, theepa kapa tjhelete ya thuso ya maqheku e nkwang ho lona ntle le thato ya hae kapa le thulanang le tlhekefetso ya mofuta ofe kapa ofe wa moruo;
b le tlositsweng ha lona ntle le thato ya lona kapa le ileng la tloswa kantle ho molao sebakeng sefe kapa sefe sa moo le neng le dula teng;
c le hlokang tlhokomelo kapa le lesitsweng feela ntle le mokgwa ofe kapa ofe wa boiphediso;
d le dulang kapa le sebetsang seterateng kapa le kopang dithuso;
e le sebedisang ka tsela empe kapa le fetohileng lekgoba la dithethefatsi mme le hloka tshehetso kapa kalafo ya tshebediso e fosahetseng ya dithethefatsi;
f le dulang tlasa maemo a ka mmakelang kapa a ka etsang hore a tlatlapuwe, a kwetelwe kapa a hlekefetswe mabapi le tsa thobalano;
g le dulang kapa le pepesehileng maemong a ka etsang hore a tswe kotsi mmeleng kapa kelellong; kapa h le sotlehileng mmeleng, kelellong kapa bophelong ba lona.
Tsebiso ya tlhekefetso ya maqheku
motho ofe kapa ofe ya belaelang hore leqheku le hlekefeditswe kapa le tswile kotsi ka lebaka la tlhekefetso o lokela ho tsebisa Molaodi Kakaretso kapa sepolesa ka sena seo a se belaellang.
Motho ha a jare boikarabelo ho latela tsebiso efe kapa efe e entsweng ka maikutlo a matle ho latela karolwana ya 1.
Motho ya hlolehang ho ikamahanya le karolwana ya 1 o molato ka ho tlola molao.
Ha ho amohetswe tsebiso ho latela karolwana ya 1-
a Molaodi Kakaretso o lokela ho fuputsa taba ena mme haeba pelaelo e netefatswa ke diphuputso, ho tla sebetsa karolo ya 254; mme b Sepolesa se lokela ho tsebisa Molaodi Kakaretso ka tlhekefetso e bolelwang kapa haeba a kgotsofetse hore sena se molemong wa leqheku, hore motlodi eo wa molao a tloswe lelapeng leo kapa sebakeng seo sa moo leqheku le dulang teng, a sebetse ho latela karolo ya 27.
c 5 Karolwana ya 4a e sebetsa ka diphetoho tse hlokeng haeba Molaodi Kakaretso a fumana lesedi le lehothwang karolwaneng ya 4b.
Tsebiso e ngotsweng ya motlodi wa molao ya bolediswang
Lepolesa leo tlaleho e lohothwang karolong ya 25 (b) e entsweng ho lona kapa le kgotsofetseng hore ho tla ba molemong wa leqheku haeba motlodi wa molao ya bolediswang a ka tloswa lelapeng kapa sebakeng sa moo leqheku le dulang ho sona, le lokela ho etsa tsebiso e ngotsweng-
a moo a qaqisang mabitso, sefane, aterese ya bodulo, mosebetsi le boemo ba motlodi ya bolediswang wa molao;
b mme a bolelle motlodi ya bolediswang wa molao ho sutha lelapeng kapa sebakeng sa moo leqheku le dulang teng mme motlodi enwa wa molao a se hlole a kena lelapeng lena kapa sebakeng sena kapa a se hlole a ba le kopano le leqheku lena ho fihlela lekgotla la dinyewe le kena le qaqisitsweng serapeng sa c;
c moo a bitsang motlodi ya bolediswang wa molao ho hlaha ka pele ho lekgotla la mmaseterata ka letsatsi le nako e qaqisitsweng tsebisong e ngotsweng ho tla fana ka mabaka a hore ke hobaneng a keke a thibelwa ka ho phethahala ho kena lapeng kapa sebakeng sa moo leqheku le dulang teng; Ha feela letsatsi le jwalo le qaqisitsweng e le la pele la lekgotla ka morao hoba ho ntshuwe tsebiso ena;
d e nang le setifikeiti se iswang ke lepolesa le bopaki ba hore tsebiso ya mantlha e ngotsweng e fuwe motlodi ya bolediswang wa molao le hore lepolesa le hlaloseditse motlodi enwa wa molao bohlokwa ba tokomane ena.
Lepolesa ho tloha mona le lokela ho romela khopi ya lengolo la tsebiso ya mantlha ho tlelereke ya lekgotla la mmaseterata le amehang.
Ho hlahiswa feela ha khopi ya lengolo la mantlha lekgotleng la mmaseterata eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 2 ke bopaki bo botle ba hore ho ntshitswe tokomane ya mantlha mme e fetisetswa ho motlodi ya bolediswang.
Karolo ya 55 ya Molao wa Mohato wa Tlolo ya Molao wa 1977 Molao wa nomoro ya 51 wa selemo sa 1977 e sebetsa mona, ka diphetoho tse hlokehang, tsebisong e ngotsweng e fuweng motlodi wa molao ho latela karolwana ya 1.
Lekgotla la mmaseterata leo ho lona motlodi ya bolediswang wa molao a ngoletsweng tsebiso ho latela karolwana ya 1 le leo a tla hlaha nyeweng ka lona, le ka fuputsa hang feela maemo a entseng hore ho ntshuwe tsebiso ena.
Lekgotla la mmaseterata, ka morao hoba le tebise maikutlo ka maemo a bakileng hore ho ntshuwe tsebiso e ngotsweng mme ka morao hoba le mamele taba ya motlodi ya bolediswang, le ka-
a ntsha taelo ya thibelo ya motlodi ya bolediswang wa molao ya hore a seke a kena lapeng kapa sebakeng sa bodulo sa moo leqheku lena le dulang teng kapa a seke a ba le kopano le leqheku, nakong eo lekgotla le tla fumana ho lokela ka teng;
b laela hore motlodi ya bolediswang wa molao a ka kena lapeng kapa sebakeng sa moo leqheku le dulang teng kapa hoba le kopano le leqheku feela ka tlasa dipehelo tse itseng tse tla etsa hore ditabatabelo tsa leqheku di phethahatswe;
c laela hore motlodi ya bolediswang wa molao a amohele boikarabelo ba tlhokomelo ya lelapa la hae nakong ena eo ho buuwang ka yona mona serapeng sa a; kapa d etsa hore ho be le taelo e nngwe e mabapi le taba ena ho latela ka moo lekgotla le boneng ho tshwanela ka teng.
Tshebediso e fosahetseng ya matla eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 1 ke sepolesa e fana ka mabaka a nyewe ya kgalemo e lohothwang karolong ya 40 ya Molao wa Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa Molao wa nomoro ya 68 wa selemo sa 1995, mabapi le lepolesa le jwalo.
Motho o molato ka tlolo ya molao haeba motho eo-
a a ile a fuwa tsebiso e ngotsweng e lohothwang karolwaneng ya 1 mme-
i a hana ho sutha lapeng kapa sebakeng sa bodulo moo leqheku le dulang teng; kapa ii a na le kopano le leqheku mme a tlola tsebiso e ngotsweng eo a e fuweng;
c a tlola molao kapa a hloleha ho ikamahanya le taelo ya lekgotla la mmaseterata e ntshitsweng ho latela karolwana ya 6 kapa ka pehelo efe kapa efe e moo taelong e jwalo.
Mohato wa ho tlisa mohlekefetsi ya bolediswang wa leqheku ka pele ho mmaseterata
Ha mosebetsi wa thekolohelo kapa ya fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle a nehelana kapa a etsa tlhaloso e ngotsweng tlasa kano kapa ka tiiso ka pele ho motjhotjhisi wa setjhaba, mme tlhalosong e jwalo ho bolediswa hore motho ofe kapa ofe sebakeng sena se taolong ya lekgotla la mmaseterata moo motjhotjhisi wa setjhaba a leng teng, o hlekefetsa leqheku, motjhotjhisi wa setjhaba ho latela karolwana ya a ka kopa tlelereke ya lekgotla la dinyewe ho ntsha lengolo la qoso le tsebisang motho ya jwalo ya boletsweng pele ka qoso e mo tobileng le ho mmitsa ho tla hlaha ka pele ho sebaka sa lekgotla la mmaseterata ka nako e qaqisitsweng.
Motjhotjhisi wa setjhaba ho latela karolwana ya 1 a keke a kopa tlelereke ya lekgotla ho ntsha lengolo la qoso ntle le ha a ile a fumana tlaleho ho mosebetsi wa thekolohelo kapa ho motho ya fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle e mabapi le tlhekefetso e bolediswang ya leqheku le amehang.
haeba ho latela mabaka a tlhaloso ena e entsweng ka tlasa kano kapa tiiso eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 1 mmaseterata o na le lebaka la ho belaela hore mosebetsi wa thekolohelo kapa motho ya fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle o tla thibelwa kapa ho sitiswa ho ya kapa ho kena sebakeng sa moo leqheku le amehang le dulang teng ho ya etsa diphuputso tse hlokehang ka mabaka a tlaleho eo ho buuwang ka yona karolwaneng ya 2, kapa haeba mosebetsi ya jwalo wa thekolohelo kapa motho ya fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle a ile a thibelwa kapa asitiswa ho etsa mosebetsi wa hae, mmaseterata ya amehang ka kopo ya motjhotjhisi wa setjhaba a ka ntsha lengolo le fang matla mosebetsi wa thekolohelo kapa motho ya fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle ho kena sebakeng sena le ho etsa diphuputso tse jwalo.
Mmaseterata lengolong lena la taelo leo a le ntshang ho latela karolwana ya 3 a ka fana ka matla ho mosebetsi wa thekolohelo kapa ho motho ya fanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle ho tsamaya le lepolesa ka mabaka a ho ya etsa diphuputso tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng e boletsweng.
) Molao wa Mohato wa Tlolo ya Molao wa 1977 (Molao wa nomoro ya 51 wa selemo sa 1977, o tla sebetsa, ka diphetoho tse hlokehang mabapi le sebopeho le mokgwa wa tshebeletso wa diqoso dinyeweng tsa tlolo ya molao makgotleng a tlase, nako e lokelang ho dumellwa motho ya qositsweng hore a hlahe ka pele ho lekgotla, le mokgwa oo baqosuwa ba lokelang ho hlahela ka pele ho lekgotla ka ona ke ntho eo ho ka sebetsanwang le yona haeba ba hloleha ho hlahela kapa hore ba dule ba le teng, jwalo ka ha ho hlokeha ho latela mangolo a diqoso a ntshitsweng ho latela karolo ena.
Motho o molato ka tlolo ya molao haeba motho eo-
a a sitisa kapa a thibela mosebetsi wa thekolohelo kapa motho ya nehelanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle tshebetsong ya hae ya ho phetha mosebetsi ho latela karolo ena; kapa b a hana ho fana ka lesedi lefe kapa lefe leo a nang le lona ho mosebetsi wa thekolohelo kapa ho motho ya nehelanang ka tlhokomelo ya tsa bophelo bo botle mabapi le tlhekefetso ya leqheku e leng lesedi le hlokehang ka mabaka a diphuputso tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng ya 3.
Phuputso tsa tlhekefetso ya leqheku
Ho latela karolo ena, mmaseterata eo motho e mong le e mong a tlisitsweng ho yena ho latela karolo ya 28 o lokela ho fuputsa nepahalo kapa diqoso tse bolediswang lengolong la qoso le bolelwang.
motjhotjhisi wa setjhaba kapa motho ofe kapa ofe ya tshwauweng ke mmaseterata bakeng sa morero ona o tlameha ho ba teng diphuputsong mme a ka bitsa dipaki mme a botsisisa paki efe kapa efe e fanang ka bopaki diphuputsong tsena.
Motho eo ya qoswang a ka fana ka bopaki mme yena kapa moemedi wa hae wa malao ba ka hloma dipotso paki efe kapa efe e bitsitsweng ho latela karolwana ya 2 mme a ka bitsa dipaki mme o lokela ho fuwa monyetla wa ho fana ka mabaka a hore ke hobaneng ho sa lokela hore ho ntshuwe taelo tlasa karolwana ya 10.
Ho latela ntho efe kapa efe e sa kgemeng le sena e fuperweng ke Molao ona, molao o amanang le dipatlisiso tsa ditlolo tsa molao makgotleng a mmaseterata o sebetsa ha mmoho le diphetoho tse hlokehang mabapi le mangolo a pitso ya ho tla lekgotleng la dinyewe, ho bitswa ha dipaki le ditlhatlhobo ka mabaka kapa sebakeng sa diphuputso, taba ya ho bokella bopaki le ho hlahisa ditokomane ha mmoho le diathekele tse ding tsa moo, le tefo ya ditlhapiso tsa dipaki.
Mmaseterata ya tshwereng diphuputso a ka tsepamisa hore naa nyewe e tshwarwe kapa tjhe lekgotleng le buletsweng bohle la dinyewe kapa le kwaletsweng setjhaba.
karolo ya 1591 ya Molao wa Mohato wa tlolo ya Molao wa 1977 Molao wa nomoro ya 51 wa selemo sa 1977, ho ya ka moo o amanang le tsamaiso ya nyewe ya tlolo ya molao bosiyong ba moqosuwa, e sebetsa ka diphetoho tse hlokehang mabapi le diphuputso tse tshwarwang ho latela karolo ena.
Karolo ya 108 ya Molao wa Lekgotla la Mmaseterata wa 1944 Molao wa nomoro ya 32 wa 1944 o sebetsa ka diphetoho tse hlokehang mabapi le nyewe dife kapa dife tse mabapi le diphuputso tse tshwerweng ho latela karolo ena.
Tlaleho eo ho buuwang ka yona karolong ya 282 e lokela hore e fuwe mmaseterata ya tshwereng diphuputso, ya ka laelang ngaka ya setereke, ngaka ya mahloko a kelello kapa ya mahloko a bongaka ba kelello ho hlahloba leqheku le amehang le ho fana ka tlaleho ho mmaseterata mabapi le sephetho sa tse fumanehileng.
Dikahare tsa tlaleho ena eo ho nehelanweng ka yona kapa eo ho fanweng ka yona ho latela karolwana ya 8 e lokela ho tsebiswa motho eo ho nang le diqoso tse etswang ka yena, mme haeba a rata, leqwetha la hae le lokela ho fumana sebaka sa ho hlaba dipotso motho ya entseng tlaleho eo, mabapi le ntlha efe kapa efe e tswang tlalehong ena, le ho hanyetsa diqoso tse kahare ho yona.
Haeba, ka morao ho tebisa maikutlo bopaking bona le mabapi le tlaleho efe kapa efe eo ho nehelanweng ka yona ho latela karolwana ya 8, ho hlahela ho mmaseterata hore diqoso dife kapa dife tse lengolong la qoso di nepahetse, mmaseterata a ka?
a fana ka matla ho motho ya amehang hore a fane ka bodulo kapa a hlokomele leqheku tlasa dipehelo tseo mmaseterata a tla di qobella; kapa b thibela hore motho eo a fane ka bodulo kapa tlhokomelo ho leqheku lefe kapa lefe bakeng sa nako e jwalo, empa eseng e fetang dilemo tse 10, ho latela ka moo mmaseterata a tla tsepamisa ditaba ka teng.
Motho e mong le e mong ya tlolang molao kapa ya hlolehang ho ikamahanya le dipehelo dife kapa dife tse tsepamisitsweng ho latela karolwana ya 10a kapa ya tlolang kapa ya hlolehang ho ikamahanya le karolwana ya 10b o molato ka tlolo ya molao.
Thibelo ya tlhekefetso ya leqheku le mehato e ikgethang ya thibela tlhekefetso ya leqheku.
Motho e mong le e mong ya hlekefetsang motho wa leqheku o molato ka tlolo ya molao.
Boitshwaro bofe kapa bofe kapa tlhokeho ya mohato o loketseng, bo etsahalang nakong ya kamano efe kapa efe moo ho nang le tebello ya tshepahalo, bo tlisang tshenyo kapa ho sibathela ha maikutlo kapa bo nang le monyetla wa ho ntsha kotsi kapa ho tetebetsa leqheku bo nkwa e le tlhekefetso ya leqheku.
Ka mabaka a karolwana ena ya 2, ??tlhekefetso?? e kenyeletsa tlhekefetso ya mmeleng, tlhekefetso ho tsa thobalano, tlhekefetso ya kelellong le moruong mme?
a ??tlhekefetso ya mmeleng?? e bolela ketso efe kapa efe kapa tshoso ya tshebediso ya mofuta wa dikgoka mmeleng mabapi le leqheku;
b ??tlhekefetso ho tsa thobalano?? e bolela boitshwaro bofe kapa bofe bo tlolang boinahanelo ba tsa thobalano ba leqheku;
c ??tlhekefetso ya kelellong?? e bolela tsela efe kapa efe e theolang kapa ya boitshwaro bo nyedisang leqheku, ho kenyeletswa le?
i ditlhapa le mahlapa a bitswang kgafetsa, ho phoqa kapa ho soma;
ii ditshoso tse phetakwang ho tlisa maikutlo a bohloko; le iii ho hlokisa leqheku sebaka sa lona sa boinotshi lekunutung, ho hloka tokoloho, boinahanelo kapa tshireletso;
d ??tlhekefetso ya moruo?? e bolela?
i ho tlatlapa leqheku mehlodi ya moruo le ya ditjhelete eo eleng ya leqheku lena ho latela molao ofe kapa ofe o teng;
ii ho hlokisa leqheku ka tsela e hlokang boikarabelo mehlodi ya hae ya moruo kapa ya ditjhelete eo leqheku le e hlokang; kapa iii ho tlosa dintho tsa lelapa kapa theepa e nngwe eo e leng ya leqheku ntle le tumello ya leqheku ka bolona.
Ha lekgotla la dinyewe, ka morao hoba le ahlolele motho tlolo efe kapa efe ya molao, le fumana hore motho ya ahlotsweng o hlekefeditse leqheku nakong ya tlolo eo ya molao, phumano e jwalo e lokela ho nkwa e le maemo a feteletsang ebile a totisa le ho eketsa matla a mabaka a kahlolo.
Ho boloka rejistara kapa buka ya ngodiso ya diketsahalo tsa tlhekefetso ya maqheku
Letona ka mokgwa o tsepamisitsweng le lokela ho boloka rejistara ya batho ba ahlotsweng ka lebaka la ho hlekefetsa maqheku kapa ba ahloletsweng tlolo efe kapa efe e lohothwang mona karolong ya 30 .
Motho eo lebitso la hae le hlahang bukeng ena ya diketsahalo tsena tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng ya 1 ha ho na hore ka tsela efe kapa efe a ka?
a tsamaisa kapa a sebetsa sebakeng sefe kapa sefe sa bodulo;
b fana ka tlhokomelo ya mofuta ofe kapa ofe ya setjhaba le tshebeletso ya tshehetso ya maqheku.
KGAOLO YA 6
DIPEHELANO TSA KAKARETSO LE TSA TLATSETSO
Nehelano ya matla
Letona le ka?
a nehela mohlanka ofe kapa ofe wa Lefapha matla afe kapa afe ao Letona le nang le ona ho latela Molao ona, ntle le matla a ho etsa melao; le ho b fa mohlanka ya jwalo matla a ho sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe o fuweng Letona ke Molao ona.
Letona ka tumellano le Tonakgolo wa provense?
a le ka nehelana ka matla ho Setho sa Lekgotla la Phethahatso sa provense se ikarabellang ntshetsopeleng ya setjhaba e leng matla afe kapa afe a fuweng Letona ho latela Molao ona, ntle le matla a ho etsa melao; le b ho fana ka matla ho Setho sa Lekgotla la Phethahatso sa provense ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe o fuweng Letona ho latela Molao ona.
a nehelana ka matla ho mohlanka ofe kapa ofe wa tsamaiso ya provense e amehang e leng matla afe kapa afe a fuweng Setho seo ho latela karolwana ya 2;
b a ka fana ka matla ho mohlanka ofe kapa ofe ya jwalo ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo setho se fuweng matla a ho o sebetsa ho latela karolwana ya 2.
a nehelana ka matla ho mohlanka ofe kapa ofe wa Lefapha e leng matla afe kapa afe a fuweng Molaodi Kakaretso ho latela Molao ona; le b ho nehelana ka matla ho mohlanka ofe kapa ofe ya jwalo ho sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe o fuweng Molaodi Kakaretso ho latela Molao ona.
Molaodi Kakaretso, ka tumellano le Molaodi Kakaretso ya loketseng wa tsamaiso ya provense a ka ?
a nehelana ka matla afe kapa afe ho Hlooho ya Lefapha ya provense e ikarabellang ntshetsopeleng ya setjhaba ao a fuweng ke Molaodi Kakaretso ho latela Molao ona;
b nehelana ka matla ho Hlooho ya Lefapha ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe o fuweng Molaodi Kakaretso ho latela Molao ona.
a nehelana ka matla ho mohlanka ofe kapa ofe e mong wa tsamaiso ya provense e amehang e leng matla afe kapa afe ao a fuweng ho latela karolwana ena ya 5; le b nehelana ka matla ho mohlanka ofe kapa ofe ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo a fuweng matla a ho sebetsa ho latela karolwana ya 5.
Motho ofe kapa ofe ya nehetsweng matla kapa ya fuweng matla a ho etsa mosebetsi ho latela karolo ena o tlameha ho sebedisa matla ao kapa ho etsa mosebetsi oo ho latela dipehelano tse jwalo ka ha motho ya nehelaneng ka matla kapa ya faneng ka tumello e jwalo a hloka hore ho etsahale?
a sena se etswe ka lengolo;
b a se ke a thibela motho ya nehelaneng ka thomo kapa ya faneng ka tumello hore a phethahatse matla kapa a etse mosebetsi oo ka boyena; le c hore neng kapa neng matla ana a ka kgutliswa ka lengolo ke motho eo.
Dikotlo
Motho ofe kapa ofe ya ahlotsweng ka lebaka la ho tlola molao ho latela?
a karolo ya 122, 144, 188, 194, 225a, b or c or 286a kapa b o tlameha ho lefiswa kapa ho hlahlelwa tjhankaneng nakong e sa feteng selemo se le seng; kapa b karolo ya 218, 263, 278a kapa b, 2911 kapa 301 o lokela ho lefiswa kapa ho hlahlelwa tjhankaneng nakong e sa feteng dilemo tse hlano, kapa a ahlolelwe tsona ka bobedi e leng tefiso le ho hlahlelwa tjhankaneng.
Melawana
Letona le ka etsa melawana e mabapi le?
a taba efe kapa efe e ka tsepamiswang kapa e lokelang ho tsepamiswa ho latela Molao ona;
b sebopeho sa kopo efe kapa efe, matla, setifikeiti, tumello, tsebiso, taelo, rejistara, mokgwa kapa lengolo la qoso tse lokelang ho etswa kapa tse ka etswang, tseo ho nehelanweng ka tsona, tseo ho fanweng ka tsona, tse ntshitsweng kapa tse bolokilweng ho latela Molao ona, le sebopeho sefe kapa sefe se hlokehang tshebedisong ya Molao ona;
c mohato o lokelang ho latelwa le dipehelano tse ka qobellwang ho latela ngodiso ya dibaka tsa bodulo, le maemo ao bonyane dibaka tse jwalo tsa bodulo di lokelang ho ikamahanya le ona;
d dibuka, diakhaonte le direjistara tse lokelang ho bolokwa ke batsamaisi ba dibaka tsa bodulo, mokgwa oo dibuka tse jwalo, diakhaonte le direjistara tse lokelang ho bolokwa le hore ho sebetsanwa le tsona, tse lokelang ho busetswa le ditlaleho tse lokelang hore di hlahiswe tse mabapi le dibaka tse jwalo;
e direkoto tse lokelang ho bolokwa ke motho ofe kapa ofe ya hlokometseng kapa ya faneng ka bodulo ho motho ofe kapa ofe ya tsofetseng ebile a fokola bakeng sa ho lefuwa, ho sa natswe hore ke ka tsela ya tjhelete kapa ya fuwa diphahlo sebakeng sefe kapa sefe sa bodulo;
f mehato?
i ya ho thibela, ho sireletsa le ho sebetsana le tlhekefetso ya maqheku;
ii e lokela ho nkuwa ho ntshetsa pele batho ba ka mosing ka lebaka la kgethollo e nang le leeme;
iii ya ho ntshetsa pele ditokelo tsa baahi ba dibakeng tsena tsa bodulo;
iv ya ho ntshetsa pele ditokelo tsa maqheku a sa duleng dibakeng tsena tsa bodulo;
g sebopeho le dikahare tsa tumellano tsa boemo ba tshebeletso dipakeng tsa baahi le komiti ya baahi ba sebaka sa bodulo;
h bonyane makgabane le maemo a kamohelo ya batho dibakeng tsena tsa bodulo;
i maemo a tshebeletso;
j maemo a tlhokomelo e thehilweng setjhabeng le tshebeletso tsa tshehetso;
k poloko ya direjistara ho latela karolo ya 31; le l ka kakaretso, ntlha efe kapa efe e nngwe ya tlatsetso kapa ya tsamaiso e etsahetseng ka sewelo kapa ntlha ya tsamaiso e hlokang hore e tsepamiswe bakeng sa phethahatso e nepahetseng ya Molao.
Melawana e ka fana ka hore motho ofe kapa ofe ya tlolang molawana kapa ya hlolehang ho ikamahanya le ona, o molato ka tlolo ya molao le hore o lokelwa ke kahlolo ya tefiso ya tjhelete kapa ho hlola tjhankaneng nakong e sa feteng selemo kapa a fumane kahlolo tseo ka bobedi, e leng ya tefiso le ya ho hlahlelwa tjhankaneng.
Molawana ofe kapa ofe ho e entsweng ho latela karolwana ya 1 o amang tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa o lokela ho etswa ka morao ho ditherisano ke Letona la Polokeho le Tshireletso.
Molawana ofe kapa ofe o etswang ho latela karolwana ya 1 o sebetsanang le boholo kapa boleng ba ditshebeletso le ditjhelete tsa dithuso ha mmoho le ditlhoko tse lokelang ho kgotsofatswa tsa ditshebeletso di lokela ho etswa ka tumellano le Letona la Ditjhelete.
Pele Letona le etsa molawana ofe kapa ofe tlasa karolo ena, le lokela ho phatlalatsa moralo wa molawana o lohothwang Koranteng ya Mmuso ha mmoho le tsebiso e bitsang batho ba nang le thahasello, ka tsela e ngotsweng, nakong eo e boletsweng tsebisong ya nako ya matsatsi a seng ka tlase ho 30 ho tloha ka letsatsi la phatlalatso ya tsebiso eo
Letona le lokela ho nehelana ka moralo wa melawana e lohothwang karolwaneng ya 5 Palamenteng le ho fumana maikutlo ho latela karolwana eo pele ho phatlalatso ya qetelo.
Letona, haeba maemo a hloka phatlalatso ya molawana ka potlako, le ka phatlalatsa molawana oo ntle le ditherisano jwalo ka ha ho bolelwa karolwaneng ya 5.
Ho fediswa ha melao, le dipehelano tsa nakwana ha mmoho le poloko
Molao wa Maqheku wa 1967 (Molao wa Nomoro ya 81 wa selemo sa 1967), le Molao wa Maqheku o fetotsweng wa 1998 (Molao wa Nomoro ya 100 wa selemo sa 1998), mona e a hlakolwa.
Motho ofe kapa ofe ya tsamaisang lehae la maqheku le ileng la ngodiswa ho latela
Molao wa Maqheku wa 1967 (Molao wa Nomoro ya 81 wa 1967), hang pele Molao ona o sebetsa, nakong ya dikgwedi tse 12 tsa letsatsi leo Molao ona o qadileng ho sebetsa ka lona o lokela ho etsa kopo ya ngodiso ho latela karolo ya 18 ya Molao ona.
Lehae la maqheku leo ho buuwang ka lona karolwaneng ya 2 le dula le ngodisitswe ho latela Molao wa Maqheku wa 1967 Molao wa Nomoro ya 81 wa selemo sa 1967, ho fihlela Letona le dumella kapa le hanela kopo e lohothwang karolong ya 18 ya Molao ona.
Motsamaisi ofe kapa ofe ya amohelang tjhelete ya thuso ho latela karolo ya 2 ya Molao wa Maqheku wa 1967 Molao wa Nomoro ya 81 wa selemo sa 1967, hang feela pele Molao ona o qala ho sebetsa o tla tswela pele ho fumana thuso e jwalo ya ditjhelete nakong ya dikgwedi tse 12 ka morao ho letsatsi leo Molao ona o qadileng ho sebetsa ka lona.
Ntho efe kapa efe e entsweng kapa e nkwang e lokela hore e be e etsahetse ho latela temana efe kapa efe ya molao o hlakotsweng ke karolwana ya 1 le e ka etswang kapa e lokelang hore e be e entswe ho latela Molao ona, e lokela ho nkwa e entswe ho latela temana e nyalanang le moo ya Molao ona.
Sehlooho se sekgutshwanyane le qalo
Molao ona o bitswa hore ke Molao wa Maqheku wa 2006, mme o qala ho sebetsa ka letsatsi le tla tsepamiswa ke Mopresidente ka kgweletso Koranteng ya Mmuso.
MEMORANDAMO KA MAIKEMISETSO A BILI YA MAQHEKU
SELELEKELA
Nako ya kgolo ke nako eo nyehelo ya motho setjhabeng e lokelang ho ananelwa ka yona le ho re ho tshabanwe le yona haholo. Ditjhabeng tse futsanehileng maqheku a na le seabo sa bohlokwa malapeng mme ke bona bahlokomedi ba bana, ba batho ba holofetseng le batho ba anngweng le ho tshwaetswa ke HIV le Aids. Bili ena e batla ho boloka le ho eketsa bokgoni ba maqheku ba ho itlhokomela le ho kenya letsoho bophelong bo botle ba ba bang.
MAIKEMISETSO
Maikemisetso a maholo a Bili ena ke?
a ho boloka, ho eketsa le ho ntshetsa pele boemo, bophelo bo botle, polokeho le tshireletso ya maqheku;
b ho boloka le ho sireletsa ditokelo tsa maqheku jwalo ka baamohedi ba ditshebeletso;
c ho laola ngodiso ya dibaka tsa bodulo ba maqheku; le d ho thibela tlhekefetso ya maqheku.
DITHERISANO
Komiti ya Potfoliyo ya Ntshetsopele ya Setjhaba e ile ya tshwara diboka tsa tshebetso/diwekeshopo mabapi le dipehelo tsa Bili ena ka Palamenteng, Komiting e Hlwauweng ya Ntshetsopele ya Setjhaba Lekgotleng la Naha la Diprovense, mekgatlong ya naha ha mmoho le makgotleng ekasitana le mafapheng a diprovense a ikarabellang ntshetsopeleng ya setjhaba. Mafapha a mangata a naha a ile a kenela diboka tsena tsa tshebetso/diwekeshopo, a akgang kahare Lefapha la Dipalangwang, la Polokeho le Tshireletso, la Bophelo bo botle, la Ditaba tsa Lehae le la Ditaba tsa Metsi le Meru, mme a ile a nyehela haholo tabeng ena hoo nyehelo ya bona e ileng ya tswala moralo wa Bili ena.
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le ile la lekola tshusumetso tsa ditjhelete tse fuperweng ke Bili ena, mme monyetla wa ditekanyetso tsa ditjhelete o tla etswa ka Moralo wa Tshebetso wa Ditshenyehelo tsa Nako e Bohareng.
Ho kgethilwe moeletsi hore a lekole taba ya ditjeho tse qalang tsa Bili ena ka maikutlo a hore a fumane tshusumetso ya ditjhelete ya mafapha a mmuso kaofela ha mmoho le tshusumetso ya ditekanyetso tsa ditjhelete mabapi le Bili ena e lohothwang, a nketse hloohong tse latelang?
mathata a ditekanyetso tsa ditjhelete (ditemana tse tlisang boitlamo kahare le kantle ho mmuso);
ditjeho tsa tsamaiso le ntho tse bakang ditjeho (mohlala, tshebetso tsa keketso, moifo wa tshebetso, ditlwaelo tsa tsamaiso le mehato e latelwang, lesedi le tsela ya tlaleho); le ditlhophiso tsa institjhushene (mohlala, Dikomiti tse ntjha, Makala, Mekgatlo) nehelano kapa kabelano ya mosebetsi diprovenseng kapa pusong ya selehae.
Tlaleho e mabapi le sephetho e fumaneha Lefapheng.
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ka ho kgema le sena le kene mosebetsing wa tshebetso e batsi ya ho bala ditshenyehelo tsa Bili tse reretsweng?
tlhatlhobo ya ditjeho tsa setjhaba le melemo ya Bili;
ho fumana tshusumetso ya ditshenyehelo tse otlolohileng tsa praevete tsa Bili (ho bolelang hore ditshenyehelo dife kapa dife tse otlolohileng tseo Bili e tlamang batho ka tsona);
ho utlwisisa le ho hlopholla ditekanyetso tse phethahetseng tsa ditjhelete le tshusumetso tsa ditekanyetso tsa ditjhelete tsa Bili ena.
Kakaretso ya mabaka a ditshenyehelo mahlakoreng a fapafapaneng e eme tjena:
a Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba:
Tshenyehelo tsa ho fana ka ditshebeletso tsa mantlha;
Motheo le tshebetso ya ngodiso ya dibaka tsa maqheku;
Motheo wa ngodiso ya batho ba sa kgoneng ho ka nehelana ka tlhokomelo ya maqheku; le tshusumetso tsa ditjhelete kahare ho mafapha.
Boikarabelo bo amanang le tshwaro ya dipatlisiso.
c Lehlakore la Bophelo bo botle:
Tshehetso ya ditjhelete ya ditshebeletso tsa bophelo bo botle tsa mantlha;
tse arabelang diqeto tse entsweng ka tlhompho ya maqheku a hlokang tlhokomelo le tshireletso.
MOHATO WA PALAMENTE
Baeletsi ba Molao ba Mmuso le Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ba na le maikutlo a hore Bili ena e lokela ho sebetswa ho latela mohato o thehilweng ho latela karolo ya 76 kapa ya Molao wa Motheo hobane e wela sebakeng sa tshebetso se hlahang Moralong wa 4 wa Molao wa Motheo, e leng wa ??Tshebeletso tsa Thekolohelo??.
ISBN 0 621 36198 4
